Hlotse

Lyrics
[Verse] Ke ngotse lengolo ke le sealemoeng Empa le joale ha ke eso ka ke fumana karabo Ke itse na u se u ukutloa joalo ka tlhapi ka metsing Kapa ka ntle ho metsi? Nna che, ha ke joalo Ka re u nahana u matla Che, ke nna sesoasi sa monna se tlang ho fumana matla Ke itse ke palama koloi ea mollo Eleng eona terene Ka bona horea e tla nts'enyetsa nako Ka re ke tla palama besе Le eona ke bona horе e tla nts'itisa ho fihla ho uena, moratuoa Ka bona hore ntho e tla nthusa, ke sefofane Hobane lerato la rona, moratuoa Le tsamaea ka moea Sa fihla sefofane Maseru Ba mpolella hore u ile Mohale's Hoek Eitse ha ke sheba lithaba tsa Mohale's Hoek Ka bona li le sebakanyana Empa hobane lerato ha le rekoe Ha le botsoe, hase motho Ke ila nna ka pheella leetong la ka Ha ke fihla loting Ba re u sa tla tloha le motsoalle oa hau Oa hlooho ea khomo, o ile Hlotse Ke moo ba ileng ba nkotla ka majoe teng Ichu, u seke ua nthonkha hle, mmanyeo Ichu, u seke ua nthonkha hle, moratuoa [Chorus] Moratuoa, kea u rata Moratuoa, kea u hloka Moratuoa, kea u shoela Moratuoa, kea u rata Moratuoa, kea u rata Moratuoa, kea u shoela Ke rata uena feela Ke shoela uena feela 'Shoela uena feela Shoela's Moratuoa, kea u rata....
Rate this song
0/5.0 - 0 Ratings
Loading comments...
Credits
- Writers
- E. Nkosi
- Ray Phiri